Phallo 7:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. Ditlhapi tse ka nokeng tsa eshwa, noka ya nkga phu! mme Baegepeta ba nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng. Madi a ba hohle naheng ya Egepeta.

22. Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.

23. Faro a kgutla, a boela tlung ya hae, mme a se ke a natsa taba ena.

24. Baegepeta bohle ba tjheka metsi a ho nwa kathoko ho noka, hobane ba ne ba sitwa ho nwa metsi a tswang ka nokeng.

25. Ha feta matsatsi a supileng kamora hoba Morena a otle noka.

Phallo 7