Phallo 7:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. Tsa akgela melamu ya tsona fatshe ka bomong, mme ya fetoha dinoha, empa molamu wa Arone wa metsa melamu ya dingaka.

13. Feela pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.

14. Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye.

15. Hosasane o tle o ye ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng; wena o tle o eme lebopong la noka, o teane le yena, ka letsohong la hao o nke molamu o ileng wa fetoha noha.

16. O tle o re ho yena: <Morena Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa lehwatateng. Empa bona, ho fihlela jwale ha o eso ka o mamela.>

17. Morena o bua tjena: <Ka sena o tla tseba hore ke nna Morena. Bona, ka molamu o ka letsohong la ka ke tla otla hodima metsi a ka nokeng, mme a tla fetoha madi.

18. Ditlhapi tse ka nokeng di tla shwa; noka e tla nkga phu! mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng.> ”

19. Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: <Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi.> Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.”

20. Moshe le Arone ba etsa jwalokaha Morena a ba laetse. Arone a phahamisa molamu, a otla metsi a ka nokeng Faro a ntse a tadimile, le bahlanka ba hae ba ntse ba tadimile, mme metsi wohle a ka nokeng a fetoha madi.

21. Ditlhapi tse ka nokeng tsa eshwa, noka ya nkga phu! mme Baegepeta ba nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng. Madi a ba hohle naheng ya Egepeta.

22. Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.

Phallo 7