1. Morena a re ho Moshe: “Bona, ke o etsa hore o be jwaloka Modimo ho Faro, mme moholwane wa hao Arone e tla ba moporofeta wa hao.
2. O tla bua tsohle tseo ke o laelang tsona. Moholwane wa hao Arone o tla bolella Faro, hore a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya hae.
3. Feela nna ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke etse mehlolo le dimakatso tsa ka tse ngata naheng ya Egepeta,
4. empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.
5. Baegepeta ba tla tseba hore ke Morena, ha ke otlolla letsoho la ka ke ba otla, mme ke ntsha bana ba Iseraele hara bona.”
6. Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo.
7. Ha ba bua le Faro, Moshe o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi, Arone a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e meraro.
8. Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:
9. “Ha Faro a bua le lona, a re: <Ipakeng ka ho etsa mohlolo,> wena o tla re ho Arone: <Nka molamu wa hao, o o akgele kapele ho Faro, o tle o fetohe noha.> ”
10. Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha.
11. Jwale Faro le yena a bitsa banna ba bohlale le dingaka, mme ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo.
12. Tsa akgela melamu ya tsona fatshe ka bomong, mme ya fetoha dinoha, empa molamu wa Arone wa metsa melamu ya dingaka.
13. Feela pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.
14. Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye.
15. Hosasane o tle o ye ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng; wena o tle o eme lebopong la noka, o teane le yena, ka letsohong la hao o nke molamu o ileng wa fetoha noha.