Phallo 5:8-23 BIBELE (SSO89SO)

8. Empa palo ya ditene tseo ba neng ba di etsa pele, yona ba nne ba e etse; le se ke la e fokotsa le hanyenyane feela, hobane ba botswa; ke ka baka lena ba ntseng ba lla, ba re: <Re lokolle, re yo etsetsa Modimo wa rona sehlabelo.>

9. Le belese banna ka mosebetsi o boima ho feta pele, ba tle ba sebetse wona feela, ba se ke ba mamela dipuo tsena tsa leshano.”

10. Bahlorisi ba setjhaba le baokamedi ba basebetsi ba tswa, ba ya bua le setjhaba, ba re: “Faro o buile tjena: <Ha ke sa tla hlola ke le nea seteroi!

11. Lona, ka bolona, tsamayang le yo ipatlela seteroi moo le ka se fumanang teng, empa mosebetsi wa lona ha o na ho fokotswa le hanyenyane feela>!”

12. Jwale batho ba phasaphasa le naha ya Egepeta, ba thonaka dirite bakeng sa seteroi.

13. Bahlorisi ba ba sunya mangwele, ba re: “Phethang mosebetsi wa lona wa letsatsi le leng le le leng, jwaloka pele ha seteroi se ne se le teng!”

14. Baokamedi ba bana ba Iseraele, bao bahlorisi ba kgethilweng ke Faro ba neng ba ba beile hodima bona, ba kgakgathwa, ha thwe: “Ke ka baka lang ha kajeno le maobane le sa phetha mosebetsi wa lona jwaloka pele, e leng oo le o baletsweng wa ho etsa ditene?”

15. Baokamedi ba bana ba Iseraele ba fihla, ba lla ho Faro, ba re: “Ke ka baka lang ha o etsa bahlanka ba hao tjee?

16. Bahlanka ba hao ha ba sa newa seteroi, empa ho thwe ho bona: <Etsang ditene!> Bona, bahlanka ba hao ba a kgakgathwa; feela molato ke wa setjhaba sa hao.”

17. Empa Faro a re: “Le botswa! Le botswa! Ke ka baka lena le reng: <Re lokolle, re yo etsetsa Morena sehlabelo.>

18. Tsamayang hona jwale, le yo sebetsa; le ke ke la newa seteroi; empa palo e badilweng ya ditene yona le tla e etsa.”

19. Baokamedi ba bana ba Iseraele ba iphumana ba le tsietsing, ha ho thwe: “Le ke ke la fokotsa palo ya ditene tsa letsatsi le leng le le leng le hanyenyane feela.”

20. Ha ba etswa ho Faro ba teana le Moshe le Arone, ba neng ba ba emetse,

21. mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”

22. Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o re: “Morena, o etseditseng setjhaba see hampe? Ke ka baka lang o ileng wa nthoma?

23. Haesale ke etla ho Faro ho bua ka lebitso la hao, Faro o entse setjhaba sena hampe, empa ha o eso etse letho ho lopolla setjhaba sa hao.”

Phallo 5