Phallo 5:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: <Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng.> ”

2. Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”

3. Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.”

4. Empa kgosi ya Egepeta ya re ho yena: “Wena Moshe le wena Arone, keng ha le tlohedisa batho mosebetsi wa bona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!”

5. Faro a boela a re: “Bonang kamoo batho ba naha ena ba seng ba le ba bangata kateng! Jwale le ba tlohedisa mesebetsi ya bona!”

6. Ka lona letsatsi leo Faro a laela bahlorisi ba setjhaba, le baokamedi ba basebetsi, a re:

7. “Le se hlole le nea batho bana seteroi sa ho etsa ditene, jwaloka pele; ba tla ipokellela sona ka bobona.

8. Empa palo ya ditene tseo ba neng ba di etsa pele, yona ba nne ba e etse; le se ke la e fokotsa le hanyenyane feela, hobane ba botswa; ke ka baka lena ba ntseng ba lla, ba re: <Re lokolle, re yo etsetsa Modimo wa rona sehlabelo.>

9. Le belese banna ka mosebetsi o boima ho feta pele, ba tle ba sebetse wona feela, ba se ke ba mamela dipuo tsena tsa leshano.”

Phallo 5