25. A bea mabone kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
26. A bea aletare ya kgauta ka Tenteng ya Morena, kapele ho lesira.
27. A tjhesetsa mokubetso o monko o monate hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
28. A lepeletsa lesira la monyako wa Leaho.
29. A bea aletare ya setjheso monyakong wa Leaho, Tente ya Morena, hodima yona a etsa sehlabelo sa setjheso, le nyehelo ya dijo, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
30. A bea sekotlolo se itlhatswetsang pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme ka ho sona a tshela metsi a ho itlhatswa.
31. Bo-Moshe le Arone, le bara ba Arone, ba ne ba ye ba hlatswe maoto a bona, ba hatlele.
32. Ha ba ne ba kena ka Tenteng ya Morena, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba ye ba itlhatswe, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
33. A hloma seotlwana ho potapota Leaho le aletare, a lepeletsa lesira la seotlwana. Yaba Moshe o phetha mosebetsi.
34. Yaba leru le kgurumetsa Tente ya Morena, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Leahong.
35. Jwale Moshe a sitwa ho kena ka Tenteng ya Morena, hobane leru le ne le e kgurumeditse, mme tlotla ya Morena e tletse ka Leahong.
36. Maetong wohle a bona, e ne e ye ere ha leru le phahama hodima Leaho, bana ba Iseraele ba tswele pele leetong la bona.
37. Empa ha leru le ne le sa phahame, ba ne ba sa ke be ba tswele pele leetong la bona, ho fihlela mohla leru le ka phahamang.
38. Motsheare leru la Morena le ne le eba hodima Leaho, mme bosiu mollo o ne o ye o be teng lerung, moo bana bohle ba Iseraele ba bonang, maetong wohle a bona.