21. A kenya areka kahara Leaho, a lepeletsa lesira le sireletsang areka ya selekane, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
22. A bea tafole ka Tenteng ya Morena, ka lehlakoreng le ka leboya la Leaho, ka kwano ho lesira.
23. Hodima yona a hlopha bohobe bo bewang kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
24. A bea sedulwana sa lebone ka Tenteng ya Morena malebana le tafole, ka lehlakoreng le ba borwa la Leaho.
25. A bea mabone kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
26. A bea aletare ya kgauta ka Tenteng ya Morena, kapele ho lesira.
27. A tjhesetsa mokubetso o monko o monate hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
28. A lepeletsa lesira la monyako wa Leaho.
29. A bea aletare ya setjheso monyakong wa Leaho, Tente ya Morena, hodima yona a etsa sehlabelo sa setjheso, le nyehelo ya dijo, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
30. A bea sekotlolo se itlhatswetsang pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme ka ho sona a tshela metsi a ho itlhatswa.
31. Bo-Moshe le Arone, le bara ba Arone, ba ne ba ye ba hlatswe maoto a bona, ba hatlele.
32. Ha ba ne ba kena ka Tenteng ya Morena, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba ye ba itlhatswe, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.