Phallo 40:19-26 BIBELE (SSO89SO)

19. A kwahela Leaho ka masela, mme a bea marulelo hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

20. A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.

21. A kenya areka kahara Leaho, a lepeletsa lesira le sireletsang areka ya selekane, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

22. A bea tafole ka Tenteng ya Morena, ka lehlakoreng le ka leboya la Leaho, ka kwano ho lesira.

23. Hodima yona a hlopha bohobe bo bewang kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

24. A bea sedulwana sa lebone ka Tenteng ya Morena malebana le tafole, ka lehlakoreng le ba borwa la Leaho.

25. A bea mabone kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

26. A bea aletare ya kgauta ka Tenteng ya Morena, kapele ho lesira.

Phallo 40