Phallo 40:13-16 BIBELE (SSO89SO)

13. O tla apesa Arone diaparo tse halalelang, o mo tlotse, o mo halaletse, mme o tla ntshebeletsa e le moprista wa ka.

14. O tla atametsa le bara ba hae, o ba apese diaparo tse fihlang maotong.

15. O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”

16. Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.

Phallo 40