Phallo 4 BIBELE (SSO89SO)

Moshe o newa matla a ho etsa mehlolo

1. Jwale Moshe a araba, a re: “Empa bona, ha ba na ho nkgolwa, mme ha ba na ho mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: <Morena ha a eso ka a iponahatsa ho wena.> ”

2. Yaba Morena o re ho yena: “Ke eng eo e ka letsohong la hao?”Moshe a re: “Ke molamu.”

3. Morena a re: “O akgele fatshe!” A o akgela fatshe, mme wa fetoha noha, Moshe a ba a e baleha.

4. Jwale Morena a re ho Moshe: “Nanabetsa letsoho la hao, o e tshware ka mohatla!” A nanabetsa letsoho la hae, a e tshwara, mme ya fetoha molamu ka letsohong la hae.

5. Morena a re ho yena: “O etse jwalo, ba tle ba kgolwe hore Morena, Modimo wa bo-ntata bona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o fela a ile a iponahatsa ho wena.”

6. Morena a boela a re ho yena: “Jwale kenya letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.” Moshe a kenya letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le le lesweu ke lepera, le ka lehlwa.

7. “Yaba Morena o re: <Busetsa letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.> A busetsa letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le fodile, le tshwana le pele.

8. “Haeba ba sa o kgolwe, mme ba sa mamele lentswe la hao ha ba bona mohlolo wa pele, ba tla kgodiswa ke mohlolo wa bobedi.

9. Haeba ba ntse ba sa kgodiswe ke mehlolo ena e mmedi, mme ba sa mamele lentswe la hao, o tle o kge metsi nokeng, o atshele fatshe, moo ho ommeng. Metsi ao, ao o a kgileng nokeng, a tla fetoha madi ha a fihla mobung o ommeng.”

10. Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.”

11. Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?

12. Eya he, mme ke tla o thusa ho bua hantle, ke o rute seo o tla se bua.”

13. Empa Moshe a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako rome e mong osele.”

14. Jwale kgalefo ya Morena ya tlokela Moshe, mme Morena a re ho yena: “Ha ke re moholwane wa hao Arone, wa Molevi, o teng? Ke a tseba hore yena o na le bokgeleke ba puo. Bona mona, o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, mme o tla thaba haholo ha a o bona.

15. O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa.

16. O tla o buella ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, wena o be jwaloka Modimo ho yena.

17. Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.”

Moshe o kgutlela Egepeta

18. Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.”Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”

19. Jwale Morena a re ho Moshe, a le Midiane: “Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho bohle ba neng ba batla ho o bolaya ba shwele.”

20. Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.

21. Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.

22. Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: <Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo.

23. Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.> ”

24. Yare ha ba le tseleng, moo ba neng ba robaleditse teng, Morena a teana le Moshe, mme a batla ho mmolaya.

25. Ke ha mosadi wa hae Sefora a nka lejwe le bohale, a bolotsa mora wa hae, mme ka leeko leo a le kgaotseng ho mora wa hae a ama botona ba Moshe, a re: “Ruri o monna wa madi ho nna!”

26. Yaba Morena o tlohela Moshe. Sefora o ne a re ke monna wa madi, ka baka la lebollo.

27. Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka.

28. Moshe a phetela Arone mantswe wohle ao Morena a a buileng ho yena, ha a mo roma, le mehlolo yohle eo a mo laetseng ho e etsa.

29. Moshe le Arone ba ya, ba fihla ba phutha baholo bohle ba bana ba Iseraele.

30. Yaba Arone o pheta mantswe wohle ao Morena a a buileng ho Moshe; a ba a etsa le mehlolo moo setjhaba se ntseng se bona.

31. Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela.