Phallo 39:38-43 BIBELE (SSO89SO)

38. Ba tlisa le aletare ya kgauta le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako wa Tente;

39. le aletare ya lethose, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona.

40. Ba tlisa le masela a lepeletswang seotlwaneng, le ditshiya tsa wona, le ditshehetso tsa tsona; le lesira la monyako wa seotlwana, le mehala ya sona, le dimapo tsa sona, le tsohle tse sebediswang Leahong, Tenteng ya Morena.

41. Ba tlisa diaparo tse lohilweng, tsa ho sebeletsa Sehalalelong, e leng diaparo tse halalelang tsa moprista Arone; le diaparo tsa bara ba hae ha ba sebeletsa e le baprista.

42. Bana ba Iseraele ba ne ba entse mosebetsi wohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.

43. Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.

Phallo 39