28. le katiba ka lesela le jwalo, le dituku tsa bokgabane ka lesela le jwalo, le marikgwe ka lesela le jwalo, le loehileng.
29. Ba etsa le leqhama ka lesela la lene, le loehileng, le ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le entsweng ke sehomi, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
30. Ba etsa moqhaka o halalelang ka kgauta e hlwekileng, mme hodima wona ba ngola jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, ba re: MOHALALEDI WA MORENA.
31. Hodima wona ba tlamella mohala o moputswa, ba rokella moqhaka phatleng ya katiba, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
32. Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.
33. Ba tlisetsa Moshe Leaho, le masela a le kwahelang, le tsohle tsa lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le ditshehetso tsa tsona.
34. Ba tlisa le marulelo a matlalo a dipheleu a mmasa, le marulelo a matlalo a diqibi, le lesira le sireletsang areka.
35. Ba tlisa le areka ya selekane, le mefeng ya yona, le sekwahelo sa tefelo ya sebe;
36. le tafole, le dijana tsohle tsa yona, le bohobe bo halalelang;
37. le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone a sona a se a beilwe hantle; le tsohle tsa sona, le ole ya ho bonesa.
38. Ba tlisa le aletare ya kgauta le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako wa Tente;
39. le aletare ya lethose, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona.
40. Ba tlisa le masela a lepeletswang seotlwaneng, le ditshiya tsa wona, le ditshehetso tsa tsona; le lesira la monyako wa seotlwana, le mehala ya sona, le dimapo tsa sona, le tsohle tse sebediswang Leahong, Tenteng ya Morena.