Phallo 39:18-32 BIBELE (SSO89SO)

18. Dintlha tse pedi tsa mehala ba di hokela dishweshwe tseo tse pedi, ba di tlamella maseleng a setipe a mahetleng, kapele ho setipe.

19. Ba etsa mefitshane e meng e mmedi ya kgauta, ba e hokela dintlheng tse pedi, tse katlase, tsa mokgabiso wa sefuba o tobaneng le setipe.

20. Ba boela ba etsa mefitshane e mmedi ya kgauta, ba e hokela ho tloha katlase ho mehala e mmedi ya setipe e mahetleng, kapele ho moo mehala eo e kopanang le setipe teng, kahodima leqhama la setipe.

21. Ba tlama mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, ba o tlamella mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

22. Ba etsa seaparo se aparwang tlasa setipe, se entsweng ke selohi, ka lesela le leputswa feela.

23. Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le ne le le hare ho sona, jwaloka la molala wa baki ya mohlabani. Ho potoloha lesoba leo ho ne ho entswe lemeno le le phethang, hore lesoba le se ke la taboha.

24. Lemenong la seaparo ba etsa dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le ka le entsweng ka lene, le loehileng.

25. Ba etsa mangenengene a kgauta e hlwekileng, ba hokella mangenengene ao pakeng tsa dikgarenate, hodima lemeno la seaparo, ho potoloha;

26. ke hore ho entswe lengenengene, ha nto etswa kgarenate, ho potoloha lemeno la seaparo sa ho sebeletsa, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

27. Ba etsetsa Arone le bara ba hae diaparo tse fihlang maotong ka lesela la lene, le loehileng;

28. le katiba ka lesela le jwalo, le dituku tsa bokgabane ka lesela le jwalo, le marikgwe ka lesela le jwalo, le loehileng.

29. Ba etsa le leqhama ka lesela la lene, le loehileng, le ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le entsweng ke sehomi, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

30. Ba etsa moqhaka o halalelang ka kgauta e hlwekileng, mme hodima wona ba ngola jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, ba re: MOHALALEDI WA MORENA.

31. Hodima wona ba tlamella mohala o moputswa, ba rokella moqhaka phatleng ya katiba, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

32. Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.

Phallo 39