20. Dimapo tsohle tsa Leaho, le tsa seotlwana, ho potoloha, di ne di entswe ka lethose.
21. Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone.
22. Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda, a etsa tsohle tseo Morena a di laetseng Moshe.
23. O ne a thuswa ke Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Oholeabe e ne e le lelala, le setsebi sa mesebetsi; le sehomi se homang masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng.
24. Kgauta yohle e ileng ya sebediswa mosebetsing wohle wa ho haha Sehalalelo, e ne e le kgauta e tswang dimphong tsa baithaopi; e ne e etsa boima ba dikilo tse sekete, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
25. Silefera e neng e bokeletswe ke setjhaba e ne e etsa boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane le mashome a mararo, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
26. Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.