1. A etsa aletare ya setjheso ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse pedi le disenthimethara tse mashome a mabedi, bophara ba yona e le dimethara tse pedi le disenthimethara tse mashome a mabedi, e ne e ena le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e le methara e le nngwe le disenthimethara tse mashome a mararo.
2. A etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a ne a entswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme a a maneha lethose.
3. A etsa dintho tsohle tse sebediswang aletareng: dithothobolo, le dikgarashwana, le dinwelo, le difereko tse hlabang nama, le dipane; tsena tsohle tsa yona a di etsa ka lethose.
4. A etsetsa aletare mokgabiso o kang letlowa le entsweng ka lethose; a bea mokgabiso oo katlase ho aletare, o tloha tlase o ilo fihla bohareng ba aletare.
5. A etsa mefitshane e mene dintlheng tse nne tsa mokgabiso ona wa lethose, e le e kgwesang mefeng.
6. A etsa mefeng ka dithupa tsa sefate sa mositsane, a e maneha lethose.
7. Mefeng eo a e kgwesa mefitshaneng, mahlakoreng a aletare, hore aletare e tle e jarwe ka yona. A e etsa ka dithupa tse fatilweng sekoti hare.
8. Yaba o etsa sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; a di etsa ka lethose; a di etsa ka diipone tsa basadi ba neng ba sebetsa monyakong wa Tente ya selekane.
9. A etsa seotlwana ka lehlakoreng le ka nqeng ya borwa. Masela a lepeletseng a seotlwana a ne a entswe ka lene, a loehile, bolelele ba wona e le dimethara tse mashome a mane a metso e mene.
10. Ditshiya tse ka lehlakoreng lena tse mashome a mabedi, le ditshehetso tsa tsona tse mashome a mabedi, di ne di entswe ka lethose. Dihokelo tsa ditshiya, le mefapo ya tsona, e ne e le tse entsweng ka silefera.
11. Ka lehlakoreng le ka leboya ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mane a metso e mene. Ditshiya tse ka lehlakoreng lena tse mashome a mabedi le ditshehetso tsa tsona tse mashome a mabedi, di ne di entswe ka lethose. Dihokelo tsa ditshiya, le mefapo ya tsona, e ne e le tse entsweng ka silefera.
12. Ka lehlakoreng le ka bophirimela le teng ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. Ditshiya tsa wona di ne di le leshome, le ditshehetso tsa tsona di le leshome. Dihokelo tsa ditshiya, le mefapo ya tsona, di ne di entswe ka silefera.
13. Ka lehlakoreng le ka botjhabela ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
14. Bolelele ba masela a neng a lepeletse ka lehlakoreng le leng la monyako e ne e le dimethara tse tsheletseng le disenthimethara tse mashome a tsheletseng; a ne a ena le ditshiya tse tharo le ditshehetso tsa tsona di le tharo.
15. Ka lehlakoreng la bobedi, ka nqena le ka nqane ho monyako wa seotlwana, le teng ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse tsheletseng le disenthimethara tse mashome a tsheletseng; a ne a ena le ditshiya tse tharo, le ditshehetso tsa tsona di le tharo.
16. Masela wohle a lepeletseng, a potapotileng seotlwana, e ne e le a entsweng ka lene, a loehileng.
17. Ditshehetso tsa ditshiya di ne di entswe ka lethose, dihokelo tsa ditshiya, le dithupa tsa tsona, di ne di entswe ka silefera. Dihlooho tsa tsona di ne di manehilwe silefera, mme ditshiya tsohle tsa seotlwana di ne di hokahantswe ka dithupa tse entsweng ka silefera.