Phallo 36:15-32 BIBELE (SSO89SO)

15. Bolelele ba lesela ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e le dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a ne a lekana.

16. Ba rokahanya masela a mahlano mmoho, le a mang a tsheletseng ba a rokahanya mmoho.

17. Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a kopanang teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a kopanang teng.

18. Ba etsa dihokelo tse mashome a mahlano tsa lethose, ho kopanya masela ana hore e be ntho e le nngwe.

19. Ba etsetsa Tente ena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; ba e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi.

20. Yaba ba etsetsa Leaho ditshiya tsa dithupa tse hlongwang, tsa sefate sa mositsane.

21. Bolelele ba thupa ka nngwe e ne e le dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

22. Ba etsa dimapo tse pedi, tse bapileng, thupeng e nngwe le e nngwe, mme ba etsa jwalo ka dithupa tsohle tsa Leaho.

23. Ba etsetsa Leaho ditshiya tse mashome a mabedi ka lehlakoreng le ka borwa.

24. Ba etsetsa ditshiya tseo tse mashome a mabedi ditshehetso tsa silefera tse nang le mekotjana, tse mashome a mane. Ho ne ho ena le ditshehetso tse pedi katlasa tshiya e nngwe le e nngwe, moo dimapo tse pedi tsa yona di kenang teng.

25. Ka lehlakoreng la bobedi la Leaho, e leng le ka leboya, ba etsa ditshiya tse mashome a mabedi.

26. Ba etsa le ditshehetso tsa tsona tsa silefera, tse mashome a mane, moo dimapo tse pedi tsa tshiya ka nngwe di kenang teng.

27. Lehlakoreng le kamorao la Leaho, e leng le ka bophirimela, ba etsa ditshiya tse tsheletseng.

28. Ba etsa ditshiya tse pedi dihukung tsa lehlakore le kamorao la Leaho.

29. Tsa kopanngwa ho tloha fatshe, ho ya fihla hodimo, moo ho nang le mofitshane wa pele. Ditshiya tsena tse pedi tse dihukung, tsa etswa jwalo.

30. Ho ne ho ena le ditshiya tse robedi, le ditshehetso tsa silefera tse leshome le metso e tsheletseng; tse pedi di le katlasa tshiya e nngwe le e nngwe.

31. Ba etsa maballo ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Maballo a mahlano a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la Leaho;

32. le a mang a mahlano a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la Leaho, mme a mang a mahlano hape a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le kamorao la Leaho, ka nqeng ya bophirimela.

Phallo 36