11. Ba etsa dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a kopanang teng, mme ba etsa jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng.
12. Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele; ba etsa hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng. Dikgoketsane di ne di tobane.
13. Ba etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme masira a hokahanngwa ka bobedi ka dihokelo, Leaho ya eba ntho e le nngwe.
14. Ka boya ba dipodi ba etsa masela a kwahelang Leaho; ba etsa masela a leshome le motso o mong.
15. Bolelele ba lesela ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e le dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a ne a lekana.
16. Ba rokahanya masela a mahlano mmoho, le a mang a tsheletseng ba a rokahanya mmoho.
17. Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a kopanang teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a kopanang teng.
18. Ba etsa dihokelo tse mashome a mahlano tsa lethose, ho kopanya masela ana hore e be ntho e le nngwe.
19. Ba etsetsa Tente ena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; ba e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi.
20. Yaba ba etsetsa Leaho ditshiya tsa dithupa tse hlongwang, tsa sefate sa mositsane.
21. Bolelele ba thupa ka nngwe e ne e le dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.
22. Ba etsa dimapo tse pedi, tse bapileng, thupeng e nngwe le e nngwe, mme ba etsa jwalo ka dithupa tsohle tsa Leaho.
23. Ba etsetsa Leaho ditshiya tse mashome a mabedi ka lehlakoreng le ka borwa.