Phallo 36:1-21 BIBELE (SSO89SO)

1. “Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.”

2. Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.

3. Ba amohela dimpho tsohle ho Moshe, tseo bana ba Iseraele ba di tliseditseng mosebetsi wa hore ho hahwe Sehalalelo ka tsona. Ba nna ba tlisa dimpho tsa boithaopo ho yena hoseng ho hong le ho hong.

4. Banna bohle ba bohlale, ba etsang mosebetsi wohle wa Sehalalelo, ba tlohela mosebetsi oo ba neng ba o etsa, ba tla.

5. Ba bua le Moshe, ba re: “Setjhaba se tlisa dintho tse ngata ho feta tse hlokwang bakeng sa ho etsa mosebetsi oo Morena a laetseng hore o etswe.”

6. Jwale Moshe a laela hore ho hlajwe mokgosi diahelong, ho thwe: “Banna le basadi ba se ke ba hlola ba tlisa dimpho tsa mosebetsi wa Sehalalelo.” Yaba setjhaba se kgaotsa ho tlisa dimpho.

7. Tse ntshitsweng di ne di lekane ho etsa mosebetsi wa Sehalalelo, di be di sale.

8. Banna bohle ba bohlale hara basebetsi ba etsa Leaho ka masira a leshome, a lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu, mme sehomi sa setsebi sa homa ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.

9. Bolelele ba lesira ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesira ka leng e le dimethara tse pedi, mme masira wohle a ne a lekana.

10. Ba rokahanya masira a mahlano mmoho; le a mang a mahlano hape ba a rokahanya mmoho.

11. Ba etsa dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a kopanang teng, mme ba etsa jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng.

12. Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele; ba etsa hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng. Dikgoketsane di ne di tobane.

13. Ba etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme masira a hokahanngwa ka bobedi ka dihokelo, Leaho ya eba ntho e le nngwe.

14. Ka boya ba dipodi ba etsa masela a kwahelang Leaho; ba etsa masela a leshome le motso o mong.

15. Bolelele ba lesela ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e le dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a ne a lekana.

16. Ba rokahanya masela a mahlano mmoho, le a mang a tsheletseng ba a rokahanya mmoho.

17. Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a kopanang teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a kopanang teng.

18. Ba etsa dihokelo tse mashome a mahlano tsa lethose, ho kopanya masela ana hore e be ntho e le nngwe.

19. Ba etsetsa Tente ena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; ba e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi.

20. Yaba ba etsetsa Leaho ditshiya tsa dithupa tse hlongwang, tsa sefate sa mositsane.

21. Bolelele ba thupa ka nngwe e ne e le dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

Phallo 36