Phallo 35:23-35 BIBELE (SSO89SO)

23. Bohle ba neng ba ena le masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng; le boya ba dipodi, le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, ba a tlisa.

24. Bohle ba fanang ka silefera, le ka lethose, ba tlisetsa Morena dimpho tseo. Le bohle ba neng ba ena le dithupa tsa sefate sa mositsane tse ka sebediswang, ba di tlisa.

25. Basadi bohle ba bohlale ba ohla ka matsoho a bona; ba tlisa dikgwele tse ohlilweng tse putswa, le tse perese, le tse kgubedu, le tsa lene.

26. Basadi bohle ba ratang, ba bohlale, ba ohla boya ba dipodi.

27. Baokamedi ba tlisa majwe a bohlokwa a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le a mokgabiso wa sefuba;

28. le dinoko, le ole e bonesang, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate.

29. Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.

30. Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: “Bonang, Morena o bitsitse Besalele ka lebitso; ke mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda.

31. O mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle:

32. ho rala ditshwantsho tsa mesebetsi e etswang, le ho sebetsa ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose;

33. le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle, ho latela setshwantsho se radilweng.

34. Yena le Oholeabe, mora wa Ahimasake, wa leloko la Dane, ba neilwe bohlale ba ho ruta.

35. Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi.

Phallo 35