12. le areka, le mefeng ya yona, le sekwahelo sa tefelo ya sebe, le lesira le sireletsang areka;
13. le tafole, le mefeng ya yona, le dijana tsohle tsa yona, le bohobe bo halalelang;
14. le sedulwana sa lebone le bonesang, le tsohle tsa sona, le mabone a sona, le ole e bonesang;
15. le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho;
16. le aletare ya setjheso, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona;
17. le masela a seotlwana, le ditshiya tsa sona, le didulwana tsa tsona, le lesira la monyako wa seotlwana;
18. le dimapo tsa Tente, le dimapo tsa seotlwana, le mehala ya tsona;
19. le diaparo tse lohilweng tsa ho sebeletsa ka Sehalalelong, le diaparo tse halalelang tsa moprista Arone, le diaparo tsa bara ba hae, ha ba sebeletsa e le baprista.> ”
20. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha kapele ho Moshe.
21. Batho ba boela ba tla; bohle bao pelo tsa bona di ratang, le bohle ba pelo di tshweu, ba tlisetsa Morena dimpho bakeng sa ho etsa Tente ya Morena, le bakeng sa tshebeletso e tla etsetswa ka ho yona, le bakeng sa ho etsa diaparo tse halalelang.
22. Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.
23. Bohle ba neng ba ena le masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng; le boya ba dipodi, le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, ba a tlisa.
24. Bohle ba fanang ka silefera, le ka lethose, ba tlisetsa Morena dimpho tseo. Le bohle ba neng ba ena le dithupa tsa sefate sa mositsane tse ka sebediswang, ba di tlisa.
25. Basadi bohle ba bohlale ba ohla ka matsoho a bona; ba tlisa dikgwele tse ohlilweng tse putswa, le tse perese, le tse kgubedu, le tsa lene.