1. Yaba Moshe o bokella setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: “Tsena ke tseo Morena a laetseng hore le di etse:
2. <Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.
3. Malapeng wohle a lona le se ke la besa mollo ka letsatsi lena la Sabatha.> ”
4. Moshe a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng, a re:
5. <Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose;
6. masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, le ka boya ba dipodi;
7. le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, le dithupa tsa sefate sa mositsane;
8. le ole e bonesang, le dinoko tsa ole e tlotsang, le tsa mokubetso o monko o monate;
9. le majwe a bohlokwa a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le mokgabisong wa sefuba.> ”
10. “ <Bohle ba bohlale hara lona ba ke ba tle, ba tlo etsa tsohle tseo Morena a di laetseng:
11. e leng Leaho, tente ya lona, le marulelo a lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa tsona;
12. le areka, le mefeng ya yona, le sekwahelo sa tefelo ya sebe, le lesira le sireletsang areka;
13. le tafole, le mefeng ya yona, le dijana tsohle tsa yona, le bohobe bo halalelang;
14. le sedulwana sa lebone le bonesang, le tsohle tsa sona, le mabone a sona, le ole e bonesang;
15. le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho;
16. le aletare ya setjheso, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona;