Phallo 34:26-35 BIBELE (SSO89SO)

26. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao.“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”

27. Morena a re ho Moshe: “Ingolle mantswe ana, hobane ke ka mantswe ana ke etsang selekane sa ka le wena, le Iseraele.”

28. Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome.

29. Moshe a theoha thabeng ya Sinai, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. Ha a theoha thabeng, o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se a kganya, ka baka la ho buisana le Modimo.

30. Yare ha Arone la bana bohle ba Iseraele ba tadima Moshe, mme ba bona hore sefahleho sa hae se a kganya, ba tshaba ho atamela ho yena.

31. Yaba Moshe o a ba bitsa; Arone le baokamedi bohle ba setjhaba ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.

32. Hamorao bana bohle ba Iseraele ba atamela, mme a ba bolella tsohle tseo Morena a di buileng ho yena, ha a le thabeng ya Sinai.

33. Ha Moshe a qetile ho bua le bona, a ikgurumetsa sefahleho ka lesira.

34. Empa ha Moshe a kena ho ya bua le Morena, o ne a ye a tlose lesira ho fihlela a be a etswa. Ha a se tswile, o ne a ye a bolelle bana ba Iseraele seo a se laetsweng.

35. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba bone hore sefahleho sa Moshe se a kganya; ebe Moshe o boela a ikgurumetsa sefahleho ka lesira, ho fihlela a kena hape ho ya bua le Morena.

Phallo 34