Phallo 34:25-32 BIBELE (SSO89SO)

25. “O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.

26. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao.“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”

27. Morena a re ho Moshe: “Ingolle mantswe ana, hobane ke ka mantswe ana ke etsang selekane sa ka le wena, le Iseraele.”

28. Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome.

29. Moshe a theoha thabeng ya Sinai, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. Ha a theoha thabeng, o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se a kganya, ka baka la ho buisana le Modimo.

30. Yare ha Arone la bana bohle ba Iseraele ba tadima Moshe, mme ba bona hore sefahleho sa hae se a kganya, ba tshaba ho atamela ho yena.

31. Yaba Moshe o a ba bitsa; Arone le baokamedi bohle ba setjhaba ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.

32. Hamorao bana bohle ba Iseraele ba atamela, mme a ba bolella tsohle tseo Morena a di buileng ho yena, ha a le thabeng ya Sinai.

Phallo 34