Phallo 34:22-35 BIBELE (SSO89SO)

22. “O etse le mokete wa dibeke, wa dilopotsiya tsa ha ho helwa koro; le mokete wa tsohle tse bokeletsweng ha ngwaha o roba.

23. “Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Morena Modimo wa Iseraele.

24. Ke tla falatsa ditjhaba tse tseleng ya lona, ke atise naha ya lona, mme ha ho ya tla honohela naha ya lona, ha le ilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, hararo ka selemo.

25. “O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.

26. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao.“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”

27. Morena a re ho Moshe: “Ingolle mantswe ana, hobane ke ka mantswe ana ke etsang selekane sa ka le wena, le Iseraele.”

28. Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome.

29. Moshe a theoha thabeng ya Sinai, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. Ha a theoha thabeng, o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se a kganya, ka baka la ho buisana le Modimo.

30. Yare ha Arone la bana bohle ba Iseraele ba tadima Moshe, mme ba bona hore sefahleho sa hae se a kganya, ba tshaba ho atamela ho yena.

31. Yaba Moshe o a ba bitsa; Arone le baokamedi bohle ba setjhaba ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.

32. Hamorao bana bohle ba Iseraele ba atamela, mme a ba bolella tsohle tseo Morena a di buileng ho yena, ha a le thabeng ya Sinai.

33. Ha Moshe a qetile ho bua le bona, a ikgurumetsa sefahleho ka lesira.

34. Empa ha Moshe a kena ho ya bua le Morena, o ne a ye a tlose lesira ho fihlela a be a etswa. Ha a se tswile, o ne a ye a bolelle bana ba Iseraele seo a se laetsweng.

35. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba bone hore sefahleho sa Moshe se a kganya; ebe Moshe o boela a ikgurumetsa sefahleho ka lesira, ho fihlela a kena hape ho ya bua le Morena.

Phallo 34