7. Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.
8. Ha Moshe a eya Tenteng eo, setjhaba sohle se ne se ye se raohe, motho ka mong a eme monyakong wa tente ya hae, a tadime Moshe ho fihlela a kena ka Tenteng.
9. Kamehla ha Moshe a kena ka Tenteng, leru le lopaletseng le ne le ye le theohe, le eme monyakong wa Tente eo; ebe Morena o bua le Moshe.
10. Batho bohle ba ne ba ye ba bone leru le lopaletseng le eme monyakong wa Tente, mme bohle ba ne ba ye ba raohe, ba kgumame, motho ka mong monyakong wa tente ya hae.
11. Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng.
12. Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, o itse ho nna: <Nyolla setjhaba sena,> empa ha o eso mpolelle hore na o tla nthoma le mang, le hoja wena o itse: <Ke tseba lebitso la hao, mme ke bile ke o hauhetse.>
13. Haeba o nkgauhetse, jwale ke a o rapela: ako mpontshe ditsela tsa hao, ke a o rapela, ke tle ke o tsebe; o tle o fele o nkgauhele. Ako hopole hore batho bana ke setjhaba sa hao.”
14. Morena a re: “Nna, ka sebele sa ka, ke tla tsamaya le wena, ke yo o phomotsa.”
15. Moshe a re ho yena: “Haeba wena ka sebele o sa tsamaye le nna, o se ke wa re tlosa mona.
16. Hona jwale ho tla tsejwa kang hore o nkgauhetse, nna le setjhaba see sa hao? Na hase ka ho tsamaya le rona, e le hore nna le setjhaba see re tle re kgethehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?”
17. Morena a re ho Moshe: “Ntho ena eo o e buileng, le yona ke tla e etsa, hobane ke o hauhetse, mme ke tseba lebitso la hao.”