Phallo 33:19-23 BIBELE (SSO89SO)

19. Morena a re: “Ke tla o bontsha botle ba ka bo hadimang, ke be ke phatlalatse lebitso la Morena kapele ho wena. Ke tla hauhela eo ke ratang ho mo hauhela, ke utlwele bohloko eo ke ratang ho mo utlwela bohloko.”

20. Morena a boela a re: “Ha o ka ke wa tseba ho bona sefahleho sa ka, hobane motho a ke ke a mpona, yaba o a phela.”

21. Morena a nto re: “Bona, ho na le sebaka pela ka mona. Wena o tla ema hodima lefika.

22. Etlare ha tlotla ya ka e feta, ke tla o kenya lepatsong la lefika, ke o kwahele ka seatla sa ka, ho fihlela ke ba ke feta.

23. Jwale ke tla tlosa seatla sa ka, mme o tla bona sekotlo sa ka, empa sefahleho sa ka sona se ke ke sa bonwa.”

Phallo 33