Phallo 33:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Haeba o nkgauhetse, jwale ke a o rapela: ako mpontshe ditsela tsa hao, ke a o rapela, ke tle ke o tsebe; o tle o fele o nkgauhele. Ako hopole hore batho bana ke setjhaba sa hao.”

14. Morena a re: “Nna, ka sebele sa ka, ke tla tsamaya le wena, ke yo o phomotsa.”

15. Moshe a re ho yena: “Haeba wena ka sebele o sa tsamaye le nna, o se ke wa re tlosa mona.

16. Hona jwale ho tla tsejwa kang hore o nkgauhetse, nna le setjhaba see sa hao? Na hase ka ho tsamaya le rona, e le hore nna le setjhaba see re tle re kgethehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?”

17. Morena a re ho Moshe: “Ntho ena eo o e buileng, le yona ke tla e etsa, hobane ke o hauhetse, mme ke tseba lebitso la hao.”

18. Moshe a re: “Ako mpontshe tlotla ya hao, ke a o rapela!”

19. Morena a re: “Ke tla o bontsha botle ba ka bo hadimang, ke be ke phatlalatse lebitso la Morena kapele ho wena. Ke tla hauhela eo ke ratang ho mo hauhela, ke utlwele bohloko eo ke ratang ho mo utlwela bohloko.”

20. Morena a boela a re: “Ha o ka ke wa tseba ho bona sefahleho sa ka, hobane motho a ke ke a mpona, yaba o a phela.”

21. Morena a nto re: “Bona, ho na le sebaka pela ka mona. Wena o tla ema hodima lefika.

22. Etlare ha tlotla ya ka e feta, ke tla o kenya lepatsong la lefika, ke o kwahele ka seatla sa ka, ho fihlela ke ba ke feta.

Phallo 33