1. Morena a bua ho Moshe, a re: “Tloha sebakeng sena, wena le setjhaba seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, o se ise naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: <Ke tla e nea ditloholo tsa hao.>
2. Ke tla romela lengeloi ho o etella pele, mme ke tla leleka Bakanana, le Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.
3. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, empa nna ha ke na ho nyoloha le lona, hobane le setjhaba se manganga, esere ka tshoha ke le timetsa tseleng.”
4. Yare ha setjhaba se utlwa mantswe ana a bohloko, sa lla, mme ha se ke ha eba ya rwalang mekgabiso ya hae.
5. Yaba Morena o re ho Moshe: “Bolella bana ba Iseraele, o re: <Le setjhaba se manganga; ha nka ka ba hara lona motsotswana o le mong feela, nka le timetsa. Jwale rolang mekgabiso ya lona, ke tle ke tsebe hore na ke etsa eng ho lona.> ”
6. Ka baka leo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba hlola ba rwala mekgabiso ya bona, ho qala ha ba le thabeng ya Horebe.
7. Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.
8. Ha Moshe a eya Tenteng eo, setjhaba sohle se ne se ye se raohe, motho ka mong a eme monyakong wa tente ya hae, a tadime Moshe ho fihlela a kena ka Tenteng.
9. Kamehla ha Moshe a kena ka Tenteng, leru le lopaletseng le ne le ye le theohe, le eme monyakong wa Tente eo; ebe Morena o bua le Moshe.