Phallo 32:22-31 BIBELE (SSO89SO)

22. Yaba Arone o re: “Kgalefo ya morena wa ka e se ke ya tlokoma hle! O tseba hore setjhaba sena se sekametse bokgopong.

23. Se ile sa re ho nna: <Re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.>

24. Ke ile ka re ho sona: <Ke bo-mang ba nang le kgauta?> Ba be ba se ba e rola, ba nnea yona. Ka e akgela mollong, yaba ho tswa namane ena.”

25. Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona.

26. Moshe a ema monyakong wa diahelo, a re: “Bao e leng ba Morena a ba tle ho nna!”Yaba bara ba Levi bohle ba bokana ho yena.

27. Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena.> ”

28. Bara ba Levi ba etsa jwalokaha Moshe a boletse. Ka letsatsi leo ha eshwa batho ba ka bang dikete tse tharo.

29. Yaba Moshe o re: “Kajeno le ikgethetse ho sebeletsa Morena, kaha motho ka mong a bolaile mora wa hae, a bolaile le ngwanabo, e le hore kajeno le tle le hlohonolofatswe.”

30. Ka le hlahlamang Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Jwale ke tla nyolohela ho Morena; mohlomong ke tla le etsetsa tefelo ya sebe sa lona.”

31. Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o fihla, a re: “Ruri setjhaba sena se entse sebe se seholo, se iketseditse modimo wa kgauta.

Phallo 32