21. Jwale Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o senyeditse eng, ha o se tliseditse sebe se sekaalekaale?”
22. Yaba Arone o re: “Kgalefo ya morena wa ka e se ke ya tlokoma hle! O tseba hore setjhaba sena se sekametse bokgopong.
23. Se ile sa re ho nna: <Re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.>
24. Ke ile ka re ho sona: <Ke bo-mang ba nang le kgauta?> Ba be ba se ba e rola, ba nnea yona. Ka e akgela mollong, yaba ho tswa namane ena.”
25. Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona.
26. Moshe a ema monyakong wa diahelo, a re: “Bao e leng ba Morena a ba tle ho nna!”Yaba bara ba Levi bohle ba bokana ho yena.
27. Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena.> ”
28. Bara ba Levi ba etsa jwalokaha Moshe a boletse. Ka letsatsi leo ha eshwa batho ba ka bang dikete tse tharo.
29. Yaba Moshe o re: “Kajeno le ikgethetse ho sebeletsa Morena, kaha motho ka mong a bolaile mora wa hae, a bolaile le ngwanabo, e le hore kajeno le tle le hlohonolofatswe.”
30. Ka le hlahlamang Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Jwale ke tla nyolohela ho Morena; mohlomong ke tla le etsetsa tefelo ya sebe sa lona.”
31. Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o fihla, a re: “Ruri setjhaba sena se entse sebe se seholo, se iketseditse modimo wa kgauta.
32. Jwale ako se tshwarele sebe sena sa sona hle! Ho seng jwalo hlakola lebitso la ka bukeng eo o e ngotseng.”
33. Yaba Morena o re ho Moshe: “Ya ntshitetsweng ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka.
34. Jwale tsamaya, o ise setjhaba moo ke itseng o se ise teng. Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; feela mohla letsatsi la kotlo, setjhaba sena ke tla se otlela sebe sa sona.”
35. Jwale Morena a otla setjhaba, hobane se ne se ile sa re Arone a se etsetse namane.