Phallo 32:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”

2. Yaba Arone o re ho sona: “Rodisang basadi ba lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le a tlise ho nna.”

3. Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone.

4. A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!”

5. Arone ha a bona ntho ena, a haha aletare kapele ho namane ya kgauta, a howeletsa, a re: “Hosasane ke mokete wa Morena!”

6. Ka la hosasane ba tsoha ka madungwadungwana, ba nyehela ka mahlabelo a setjheso, ba tlisa le mahlabelo a teboho; setjhaba sa dula fatshe, sa eja, sa enwa; yaba se a ema, se a bapala.

7. Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse.

8. Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: <Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!> ”

9. Morena a boela a re ho Moshe: “Setjhaba sena ke se bone; ke setjhaba se manganga.

10. Jwale ako ntlohele, kgalefo ya ka e ke e se tlokomele, ke tle ke se timetse. Ha e le wena ke tla o etsa setjhaba se seholo.”

11. Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?

Phallo 32