Phallo 31:16-18 BIBELE (SSO89SO)

16. Bana ba Iseraele, ba meloko yohle ba tla boloka letsatsi la Sabatha, ba hlokomele letsatsi la Sabatha, e le selekane sa mehla yohle.

17. Ke sesupo sa mehla yohle pakeng tsa ka le bana ba Iseraele, hobane Morena o ile a etsa lehodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola, a ka a re kgefu!> ”

18. Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.

Phallo 31