Phallo 31:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bona, ke bitsitse Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda.

3. Ke mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle:

4. ho rala ditshwantsho tsa mesebetsi e etswang, le ho sebetsa ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose;

5. le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle.

6. Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona.

7. Ba tla etsa Tente ya Morena, le areka ya selekane, le sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima yona, le tsohle tse sebediswang ka Tenteng ya Morena;

8. le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,

9. le aletare ya setjheso, le tsohle tsa yona; le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona;

Phallo 31