Phallo 31:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bona, ke bitsitse Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda.

3. Ke mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle:

4. ho rala ditshwantsho tsa mesebetsi e etswang, le ho sebetsa ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose;

5. le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle.

6. Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona.

Phallo 31