6. O tla bea aletare kapele ho lesira le siretseng areka ya selekane, kapele ho sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka eo, moo ke tla kopana le wena teng.
7. “Arone o tla tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate hodima aletare; a o tjhese hoseng ho hong le ho hong ha a lokisa mabone.
8. Mantsiboya ha Arone a hotetsa mabone, o tla nne a tjhesetsa Morena mokubetso ona, mme hona ho etswe kamehla, ho ya fihla melokong yohle e tlang.
9. O se ke wa tjhesetsa mokubetso osele ho yona, leha e le sehlabelo sa setjheso, kapa nyehelo ya dijo; le nyehelo ya dino e se ke ya tshelwa hodima aletare eo.
10. Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”
11. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:
12. “Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.
13. Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.
14. E mong le e mong ya kenang sehlopheng sa ba ngodisitsweng, ho tloha ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, o tla fana ka seabo ho Morena.
15. Ha le ntshetsa Morena seabo se lopollang bophelo ba lona, morui a se ke a ntsha ho feta dikeramo tse hlano le halofo, le mofutsana a se ke a ntsha katlase ho dikeramo tse hlano le halofo.
16. O tla bokella tjhelete ena ya topolla ya bophelo, e ntshwang ke bana ba Iseraele, mme o e sebedise mererong ya Tente ya Morena; e tla ba eo Morena a tla hopola bana ba Iseraele ka yona, mme a lopolle bophelo ba lona.”
17. Jwale Morena a bua ho Moshe, a re:
18. “o tla etsa sekotlolo sa lethose, sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona e be sa lethose; e be sekotlolo seo ho tla itlhatswetswa ho sona. O tla se bea pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme o tshele metsi ka ho sona.
19. Arone le bara ba hae ba tla hatlella ka ho sona, ba hlatswetse le maoto a bona ka ho sona.