18. “o tla etsa sekotlolo sa lethose, sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona e be sa lethose; e be sekotlolo seo ho tla itlhatswetswa ho sona. O tla se bea pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme o tshele metsi ka ho sona.
19. Arone le bara ba hae ba tla hatlella ka ho sona, ba hlatswetse le maoto a bona ka ho sona.
20. Ha ba kena ka Tenteng ya Morena, ba hlape ka metsi ana, hore ba se ke ba eshwa. Leha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa, ba etsetsa Morena sehlabelo sa setjheso,
21. ba hatlele, ba hlatswe le maoto a bona, hore ba se ke ba eshwa. Molao ona e tla ba wa mehla yohle, ho Arone le ho ditloholo tsa hae, ho isa melokong yohle e tlang.”
22. Morena a bua ho Moshe, a re:
23. “Wena o inkele dinoko tse monate ka ho fetisisa: mira o metsi, oo boima ba wona e leng dikilo tse tsheletseng; le sinamone e nkgang hamonate, eo boima ba yona e leng halofo ya boima ba mmira oo, ke ho re dikilo tse tharo; le lehlaka le monko o monate, leo boima ba lona e leng dikilo tse tharo;
24. le kasia eo boima ba yona e leng dikilo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong; le dilethara tse nne tsa ole ya sefate sa mohlwaare.
25. Ka tsena o etse ole e halalelang ya ho tlotsa, e tswakilweng ke setsebi. E tla ba yona ole e halalelang, e tlotsang.
26. Ka yona o tla tlotsa Tente ya Morena, le areka ya selekane;
27. le tafole, le dijana tsohle tsa yona, le sedulwana sa lebone, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,
28. le aletare ya setjheso, le tsohle tse sebediswang ho yona; le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona.
29. O di halaletse di tle di halalele ka ho fetisisa, mme eng kapa eng e tla di ama, le yona e tla halalela.
30. “O tlotse Arone le bara ba hae, mme o ba halaletse hore e tle e be baprista ba ka.
31. O tle o bue le bana ba Iseraele, o re: <Ena e tla ba ole ya ka e halalelang, ya ho tlotsa; meloko yohle ya lona e etse jwalo.
32. E se ke ya ba ya tshelwa mmeleng wa motho, mme le se ke la ba la iketsetsa e tshwanang le yona ka metswako. E a halalela, mme le ho lona e halalele.
33. Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.> ”
34. Morena a re ho Moshe: “Inkele dinoko tsena tse monko o monate ka ditekanyo tse lekanang: setoraka, le dikgetla tse monko o monate, le kalabanumu e monko o monate, le mokubetso o hlwekileng.
35. Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang.
36. O mong wa wona o o sile, o thumisehe; o o bee kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, ka Tenteng ya Morena, moo ke kopanang le wena teng. Ho lona mokubetso oo o tla halalela ka ho fetisisa.
37. Mokubetso oo le o etsang ka metswako ena, le se ke la iketsetsa o tshwanang le wona ka motswako, hobane o a halalela ho Morena.
38. Motho ya ka etsang o kang wona, hore a utlwe monko wa wona o monate, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”