Phallo 3:16-22 BIBELE (SSO89SO)

16. “Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: <Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta.

17. Ke re ke tla le ntsha matshwenyehong a Egepeta, ke le ise naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.>

18. “Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: <Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.>

19. Feela ke a tseba hore kgosi ya Egepeta e ke ke ya le dumella ho tsamaya, haese ha e etswa ka matla hore e etse jwalo.

20. Kahoo ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle naha ya Egepeta ka mehlolo yohle, eo ke tla e etsa teng. Kamorao ho moo kgosi e tla le lokolla le tsamaye.

21. “Ke tla etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sena, mme ha le tsamaya le ke ke la tsamaya le itlhophere.

22. Mosadi e mong le e mong wa Moheberu a kope dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo, ho mosadi wa Moegepeta eo ba ahelaneng le yena, le eo e ka bang moeti lapeng la hae. Le kgabise bara ba lona le baradi ba lona ka tsona, mme ebe le hapa leruo la Baegepeta.”

Phallo 3