Phallo 3:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.

2. Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe.

3. Yaba Moshe o re: “Ke tla kgelohela ho sona, nke ke bone pono ena e kgolo, le hore na keng ha sehlahla sena sa monokotshwai se sa tjhe.”

4. Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!”Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”

5. Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!”

6. A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.

7. Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.

8. Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.

9. Bona, sello sa bana ba Iseraele se fihlile ho nna; le nna ke bone kgatello ya bona, eo Baegepeta ba ba hateletseng ka yona.

10. Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”

11. Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”

12. Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”

13. Jwale Moshe a re ho Modimo: “Bona, etlare ha ke fihla ho bana ba Iseraele, ke re ho bona: <Modimo wa bo-ntata lona o nthomile ho lona,> mme ba re ho nna: <Lebitso la hae ke mang?> ke tla reng ho bona?”

14. Modimo a re ho Moshe: “Ke nna yena eo e ntseng e le yena.” Yaba o re: “O tla bolella setjhaba sa Iseraele tjena: <Eo e ntseng e le yena o nthomile ho lona.> ”

Phallo 3