9. O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae.
10. “Jwale o tla tlisa pohwana kapele ho Tente ya Morena, ebe Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana.
11. O tla hlaba pohwana ena e le kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena.
12. O tla nka madi a mang a pohwana, o qopetse monwana wa hao ho wona, ebe o tlotsa manaka a aletare ka wona. Madi a mang o a tshollele motheong wa aletare.
13. O tla nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, o di tjhesetse hodima aletere.
14. Ha e le nama ya pohwana ena, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o tla di tjhesetsa kantle ho diahelo tsa lona. Hona ke sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe.
15. “Jwale o nke pheleu ya pele, Arone le bara ba hae ba tle ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya pheleu eo.
16. O tla hlaba pheleu eo, ebe o nka madi a yona, o foke aletare ho e potapota.
17. O kgabele nama ya pheleu eo; o hlatswe dikahare tsa yona, le ditlhakwana tsa yona, o di bee hodima nama e kgabetsweng, le hodima hlooho ya yona.
18. Pheleu eo yohle o tla e tjhesetsa hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
19. “Jwale o nke pheleu ya bobedi, Arone le bara ba hae ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya yona.
20. O tla hlaba peleu eo; o nke madi a mang a yona, o tlotse ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona; le dintlha tsa ditsebe tsa bara ba Arone tsa matsoho a matona; le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona, mme ka madi a mang o foke aletare ho e potapota.
21. O tla nka madi a mang a aletareng, le ole e tlotsang, ebe o foka Arone le diaparo tsa hae; o foke le bara ba hae le diaparo tsa bona. Kahoo Arone le bara ba hae ba tla halalela, hammoho le diaparo tsa bona.
22. “O tla nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, le sephaka sa letsoho le letona, hobane ena ke pheleu ya mokete wa kgalaletso.