Phallo 29:34-46 BIBELE (SSO89SO)

34. Haeba ho fihlela ka la hosasane ho ena le nama e setseng ya mokete wa kgalaletso, kapa bohobe, o tjhese tsena tse setseng; di se ke tsa jewa, hobane di a halalela.

35. “O tla etsa jwalo ho Arone le ho bara ba hae, ho ya kamoo ke o laetseng kateng. Mokete wa kgalaletso ya bona o nke matsatsi a supileng.

36. Ka tsatsi le leng le le leng o tla nyehela ka pohwana, e le sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe; o hlwekise aletare, ha o etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe, mme o e tlotse hore e halalele.

37. Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.

38. “Sena ke seo o tla nyehela ka sona aletareng, ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa kamehla yohle: dikonyana tse pedi, tse nang le selemo.

39. Konyana ya pele o nyehele ka yona hoseng; konyana ya bobedi o nyehele ka yona mantsiboya.

40. Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.

41. Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona mantsiboya, mme nyehelo ya dijo le ya dino e be jwaloka ya hoseng; e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

42. “Sehlabelo sena sa setjheso se tla nne se etsetswe Morena kamehla yohle, ho isa melokong ya lona e tlang; se etsetswe monyakong wa Tente ya Morena, moo ke tla kopana le wena, ke be ke bue le wena hona teng.

43. Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka.

44. “Ke tla halaletsa Tente ya Morena, le aletare, mme ke tla halaletsa Arone le bara ba hae, hore ba tle ba sebeletse e le baprista ba ka.

45. Ke tla aha hara bana ba Iseraele, ke be Modimo wa bona.

46. Ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona. Ke nna Morena Modimo wa bona.

Phallo 29