29. “Diaparo tsa Arone tse halalelang e tla ba tsa bara ba hae kamora lefu la hae, e le hore ba tle ba di apare ha ba tlotswa, ba halaletswa hore e be baprista.
30. Mora wa hae ya tla mo hlahlama setulong sa boprista, mme a kena ka Tenteng ya Morena ho sebeletsa, o tla apara diaparo tsena ka matsatsi a supileng.
31. “O tla nka nama ya pheleu ya kgalaletso, o e phehele ka sebakeng sena se halalelang.
32. Arone le bara ba hae ba tla ja nama ya pheleu, le bohobe bo ka serotong, ba le monyakong wa Tente ya Morena.
33. Ba je dintho tseo tefelo ya dibe e entsweng ka tsona, ha ba ne ba bewa, ba halaletswa. Bao e seng baprista ba se ke ba di ja, hobane di a halalela.
34. Haeba ho fihlela ka la hosasane ho ena le nama e setseng ya mokete wa kgalaletso, kapa bohobe, o tjhese tsena tse setseng; di se ke tsa jewa, hobane di a halalela.
35. “O tla etsa jwalo ho Arone le ho bara ba hae, ho ya kamoo ke o laetseng kateng. Mokete wa kgalaletso ya bona o nke matsatsi a supileng.
36. Ka tsatsi le leng le le leng o tla nyehela ka pohwana, e le sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe; o hlwekise aletare, ha o etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe, mme o e tlotse hore e halalele.
37. Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.
38. “Sena ke seo o tla nyehela ka sona aletareng, ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa kamehla yohle: dikonyana tse pedi, tse nang le selemo.
39. Konyana ya pele o nyehele ka yona hoseng; konyana ya bobedi o nyehele ka yona mantsiboya.
40. Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.
41. Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona mantsiboya, mme nyehelo ya dijo le ya dino e be jwaloka ya hoseng; e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
42. “Sehlabelo sena sa setjheso se tla nne se etsetswe Morena kamehla yohle, ho isa melokong ya lona e tlang; se etsetswe monyakong wa Tente ya Morena, moo ke tla kopana le wena, ke be ke bue le wena hona teng.
43. Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka.