Phallo 29:24-38 BIBELE (SSO89SO)

24. Tsena tsohle o di nee Arone le bara ba hae, ba tle ba nyehele ka tsona, ka ho di akgotsa kapele ho Morena.

25. O tla boela o di nka matsohong a bona, mme o di tjhesetse aletareng, hodima sehlabelo sa setjheso se tjhesetswang Morena, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

26. O tla nka sefuba sa pheleu ena ya kgalaletso ya Arone, o nyehele ka sona ka ho se akgotsa kapele ho Morena, mme e tla ba seabo sa hao.

27. “O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae.

28. Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.

29. “Diaparo tsa Arone tse halalelang e tla ba tsa bara ba hae kamora lefu la hae, e le hore ba tle ba di apare ha ba tlotswa, ba halaletswa hore e be baprista.

30. Mora wa hae ya tla mo hlahlama setulong sa boprista, mme a kena ka Tenteng ya Morena ho sebeletsa, o tla apara diaparo tsena ka matsatsi a supileng.

31. “O tla nka nama ya pheleu ya kgalaletso, o e phehele ka sebakeng sena se halalelang.

32. Arone le bara ba hae ba tla ja nama ya pheleu, le bohobe bo ka serotong, ba le monyakong wa Tente ya Morena.

33. Ba je dintho tseo tefelo ya dibe e entsweng ka tsona, ha ba ne ba bewa, ba halaletswa. Bao e seng baprista ba se ke ba di ja, hobane di a halalela.

34. Haeba ho fihlela ka la hosasane ho ena le nama e setseng ya mokete wa kgalaletso, kapa bohobe, o tjhese tsena tse setseng; di se ke tsa jewa, hobane di a halalela.

35. “O tla etsa jwalo ho Arone le ho bara ba hae, ho ya kamoo ke o laetseng kateng. Mokete wa kgalaletso ya bona o nke matsatsi a supileng.

36. Ka tsatsi le leng le le leng o tla nyehela ka pohwana, e le sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe; o hlwekise aletare, ha o etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe, mme o e tlotse hore e halalele.

37. Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.

38. “Sena ke seo o tla nyehela ka sona aletareng, ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa kamehla yohle: dikonyana tse pedi, tse nang le selemo.

Phallo 29