Phallo 29:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. “Sena ke seo o tla se etsa ho Arone le ho bara ba hae, ha o ba halaletsa, hore e tle e be baprista ba ka. Nka pohwana e le nngwe, le dipheleu tse pedi, tse se nang sepha;

2. le bohobe bo sa lomoswang, le dikuku tse sa lomoswang, tse dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; tsena o di etse ka phofo ya koro e thumisehileng.

3. O tla di kenya ka serotong, o di tlise ka sona seroto seo, mmoho le pohwana le dipheleu tse pedi.

4. “Jwale o atametse Arone le bara ba hae pela monyako wa Tente ya Morena; o ba hlatswe ka metsi.

5. O nke diaparo, o apese Arone seaparo se fihlang maotong, le seaparo se aparwang tlasa setipe, le setipe, le mokgabiso wa sefuba; ebe o mo tlama thekeng ka leqhama le tlamang setipe.

6. O mo rwese katiba hloohong, ebe o bea moqhaka o halalelang hodima katiba eo.

7. O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa.

8. Jwale o atametse bara ba hae, o ba apese diaparo tse fihlang maotong.

9. O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae.

Phallo 29