9. “O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele.
10. Mabitso a tsheletseng a ngolwe hodima lejwe la pele, mme mabitso a mang a tsheletseng, a setseng, a ngolwe hodima lejwe la bobedi, ho ya ka ho hlahlamana ha bona.
11. O tla ngola mabitso a bara ba Iseraele majweng a mabedi ao, jwalokaha setsebi sa mongolo se ye se ngole setempe sa bopaki; ebe o a kenya shweshweng e entsweng ka kgauta.
12. O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole.
13. O tla etsa dishweshwe tsa kgauta,
14. le diketane tse pedi tsa kgauta e hlwekileng, tse lohilweng jwaloka thapo, o di hokele dishweshweng tseo.”
15. “O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.
16. Mokgabiso wa sefuba o tla ba le mahlakore a mane, a menahantsweng; bolelele ba wona bo lekane le seatla, le bophara ba wona bo lekane le seatla.
17. Ka ho wona o rokelle mela e mene ya majwe a bohlokwa, a kgabisitsweng. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, le la topase, le la karanete.
18. Moleng wa bobedi e be lejwe la emeraleda, le la safire, le la daemane.
19. Moleng wa boraro e be lejwe la turukose, le la akate, le la ametise.
20. Moleng wa bone e be lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Majwe ao a kenngwe shweshweng e entsweng ka kgauta.
21. Majwe ana a be leshome le metso e mmedi, ho ya ka mabitso a bara ba Iseraele. Lejwe ka leng le ngolwe lebitso la o mong wa merabe e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki.