Phallo 28:34-39 BIBELE (SSO89SO)

34. ke hore ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate; ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate, jwalojwalo, ho potoloha lemeno la seaparo.

35. Arone o tla apara seaparo sena ha a ntshebeletsa, mme modumo wa mangenengene o tla utlwahala ha Arone a kena ka Sehalalelong, kapele ho Morena, leha a etswa, e le hore a se ke a shwa.

36. “O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.

37. Moqhaka oo o rokellwe katibeng ka mohala o moputswa; o rokellwe phatleng ya katiba.

38. Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.

39. “O etse seaparo se fihlang maotong ka lesela le lene, le katiba o e etse ka lesela le jwalo, o be o etse le leqhama le homilweng.

Phallo 28