Phallo 28:27-43 BIBELE (SSO89SO)

27. O boele o etse mefitshane e mmedi ya kgauta, o e hokele ho tloha katlase ho mehala e mmedi ya setipe e mahetleng, kapele ho moo mehala eo e kopanang le setipe teng, kahodima leqhama la setipe.

28. O tlame mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, o o tlamelle mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng.

29. “Jwale Arone o tla kena ka Sehalalelong a apere mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o nang le mabitso a bara ba Iseraele, e le hore Morena a nne a ba hopole.

30. Ka mokgabisong wa sefuba wa kahlolo, o tle o kenye majwe a Urime le Thumime, a tle a be sefubeng sa Arone ha a eya kapele ho Morena. Ka mokgwa o jwalo Arone o tla nne a jare kahlolo ya bana ba Iseraele sefubeng sa hae kamehla ha a eya kapele ho Morena.”

31. “Seaparo se aparwang tlasa setipe o tla se etsa ka lesela le leputswa feela.

32. Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le tla ba hare ho sona, mme ho potoloha lesoba leo ho etswe lemeno le le phethang, le entsweng ke selohi. Lesoba leo le be jwaloka la molala wa baki ya mohlabani, hore le se ke la taboha.

33. Lemenong la seaparo o tle o etse dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, ho se potoloha. Pakeng tsa tsona, ho potoloha, o etse mangenengene a kgauta;

34. ke hore ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate; ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate, jwalojwalo, ho potoloha lemeno la seaparo.

35. Arone o tla apara seaparo sena ha a ntshebeletsa, mme modumo wa mangenengene o tla utlwahala ha Arone a kena ka Sehalalelong, kapele ho Morena, leha a etswa, e le hore a se ke a shwa.

36. “O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.

37. Moqhaka oo o rokellwe katibeng ka mohala o moputswa; o rokellwe phatleng ya katiba.

38. Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.

39. “O etse seaparo se fihlang maotong ka lesela le lene, le katiba o e etse ka lesela le jwalo, o be o etse le leqhama le homilweng.

40. Bara ba Arone bona o tla ba etsetsa diaparo tse fihlang maotong le maqhama; o be o ba etsetse le dituku tsa hlompho le bokgabane.

41. Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.

42. “O ba etsetse marikgwe a lesela le lene, ba tle ba a tene; marikgwe ao a tlohe thekeng, a yo fihla diropeng.

43. Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa.“Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.”

Phallo 28