Phallo 28:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. “Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.

2. O etsetse moholwane wa hao Arone diaparo tse halalelang, tsa hlompho le bokgabane.

3. O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.

4. Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.

5. Ba tla nka kgauta, le lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene.”

6. “Ba tla etsa setipe ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; se etswe ke setsebi.

7. Setipe se tla ba le masela a mabedi, a tla rokellwa mahetleng, dintlheng tsa sona tse pedi.

8. Leqhama la setipe le etswe ka mokgwa o tshwanang le sona: ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.

9. “O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele.

10. Mabitso a tsheletseng a ngolwe hodima lejwe la pele, mme mabitso a mang a tsheletseng, a setseng, a ngolwe hodima lejwe la bobedi, ho ya ka ho hlahlamana ha bona.

11. O tla ngola mabitso a bara ba Iseraele majweng a mabedi ao, jwalokaha setsebi sa mongolo se ye se ngole setempe sa bopaki; ebe o a kenya shweshweng e entsweng ka kgauta.

12. O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole.

13. O tla etsa dishweshwe tsa kgauta,

14. le diketane tse pedi tsa kgauta e hlwekileng, tse lohilweng jwaloka thapo, o di hokele dishweshweng tseo.”

15. “O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.

16. Mokgabiso wa sefuba o tla ba le mahlakore a mane, a menahantsweng; bolelele ba wona bo lekane le seatla, le bophara ba wona bo lekane le seatla.

Phallo 28