17. Ditshiya tsohle tsa seotlwana tse se potapotileng, di hokahanngwe ka dithupa tse entsweng ka silefera. Dihokelo tsa ditshiya e be tsa silefera, ditshehetso e be tsa lethose.
18. “Bolelele ba seotlwana e be dimethara tse mashome a mane a metso e mene, bophara e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo e be dimethara tse pedi le disenthimethara tse mashome a mabedi. Ho be le masela a lepeletseng, a lene, a loehileng; le ditshehetso tsa wona e be tsa lethose.
19. Thepa yohle ya leaho, e sebediswang ditshebeletsong tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa seotlwana, e be tsa lethose.”
20. “O tla laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya sefate sa mohlwaare, ya ho bonesa, e le hore lebone le tle le nne le tuke.
21. Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”