Phallo 26:6-18 BIBELE (SSO89SO)

6. O tla etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, o hokanye masira a mabedi ka dihokelo tseo, e le hore leaho e be ntho e le nngwe.

7. “Ka boya ba dipodi o tla etsa masela a tente e kwahelang leaho; o tla etsa masela a leshome le motso o mong.

8. Bolelele ba lesela ka leng e be dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a lekane.

9. O tla rokahanya masela a mahlano hammoho, le a mang a tsheletseng o a rokahanye hammoho; lesela la botshelela le tla menwa habedi monyakong wa tente.

10. O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a tla kopana teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a tla kopana teng.

11. O tla etsa dihokelo tsa lethose tse mashome a mahlano, ebe o kenya dihokelo dikgoketsaneng; jwale o kopanye tente hore e be ntho e le nngwe.

12. Karolo e setseng e leketlile ya masela, ke hore halofo ya lesela e setseng, e tla lepellela fatshe, kamorao ho leaho.

13. Disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la pele, le disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la bobedi, ke ho re tse setseng boleleleng ba lesela la Tente ya Morena, di tla lepellela mahlakoreng a leaho, ka nqena le ka nqane ho leaho, hore di tle di le kwahele.

14. O tla etsetsa Tente ya Morena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; o tla e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi.

15. “O tla etsetsa leaho ditshiya tsa dithupa tsa sefate sa mositsane; di tla hlongwa.

16. Bolelele ba thupa ka nngwe e be dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

17. O tla etsa dimapo tse pedi, tse bapileng, tshiyeng e nngwe le e nngwe, mme o tla etsa jwalo ka ditshiya tsohle tsa leaho.

18. O tla etsetsa leaho ditshiya tseo; ditshiya tse mashome a mabedi di be ka lehlakoreng le ka borwa.

Phallo 26