Phallo 26:18-28 BIBELE (SSO89SO)

18. O tla etsetsa leaho ditshiya tseo; ditshiya tse mashome a mabedi di be ka lehlakoreng le ka borwa.

19. O tla etsetsa ditshiya tseo tse mashome a mabedi ditshehetso tsa silefera, tse nang le mekotjana, tse mashome a mane. Ditshehetso tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe, moo dimapo tse pedi tsa yona di tla kena teng.

20. Ka lehlakoreng la bobedi la leaho, e leng le ka leboya, o etse ditshiya tse mashome a mabedi.

21. O etse le ditshehetso tsa tsona tsa silefera, tse mashome a mane, moo dimapo tse pedi tsa tshiya ka nngwe di tla kena teng.

22. “Lehlakoreng le kamorao la leaho, e leng le ka bophirimela, o etse ditshiya tse tsheletseng.

23. O tla etsa ditshiya tse pedi dihukung tsa lehlakore leo le kamorao la leaho.

24. Di tla kopanngwa ho tloha fatshe, ho ya fihla hodimo, moo ho nang le mofitshane wa pele. Ditshiya tsena tse pedi, tse dihukung, di tla etswa jwalo.

25. Ho tla ba le ditshiya tse robedi, le ditshehetso tsa silefera tse leshome le metso e tsheletseng; tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe.

26. “O tla etsa maballo ka ditshiya tsa sefate sa mositsane. Maballo a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la leaho;

27. le a mang a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng hape la leaho, mme a mang a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le kamorao la leaho, ka nqeng ya bophirimela.

28. Leballo le bohareng ba leaho le tla tloha ntlheng e nngwe ya lona, ho isa ho e nngwe.

Phallo 26